LEFAPHA LA TSA LEHAE
BUKANA YA BOITSEBISO
Iphumanele Bukana ya Boitsebiso e nang le khoutu hore o kgone ho vouta
LETSHOLO LA BUKANA YA BOITSEBISO
BILI E KENYELEDITSE ENG?
Biku ya Dikgetho, ya 1998 e fanang ka moralo wa molao bakeng sa dikgetho tsa 1998 e fetisitswe ke Palamente. E ile ya tshehetswa ke ANC, Inkatha Freedom Party, PAC, ACDP le Freedom Front. Nakong yohle ya puisano ka Bili, mekgatlo ena e hatelletse bohlokwa ba dikgetho tse molaong le sephetho se sa phehiseheng. Le ha ho le jwalo, mekgatlo yohle e hatelletse tlhokeho ya ho netefasa hore bakgethi bohle ba nang le tokelo ya ho vouta ba na le Dibukana tsa Boitsebiso tse nang le khoutu.
DINTLHA
Bili e mabapi le dinltha tsa bohlokwahadi tse kang hore dikgetho di ka tshwarwa neng, ke bomang ba nang le tokelo ya ho vouta, ke bomang ba ka kenelang dikgetho le ditlhoko ha mmoho le tse hlokehang le divoutu tse ikgethang bakeng sa batho ba bang ba itseng.
Tse ding tsa dipehelo tsa Bili di behilwe ka tlase.
Mopresidente o tla tsebisa ka letsatsi la dikgetho pele ho pheletso ya nako ya hae mmusong.
Baahi ba Afrika Borwa bohle ba dilemo di 18 le ho feta ba leng ka hara naha ba tla dumellwa ho vouta. Sena ha se kenyelletse batho ba sa phelang kelellong, ba sa itekanelang hantle kelellong kapa ba tshwerweng tlasa Molao wa Bophelo bo Botle ba Kelello. Batho ba kwalletsweng ka baka la ditlolo tse mpe tsa molao le bona ha ba na ho dumellwa ho vouta.
Ho na le merero e lokiseditsweng divoutu tse ikgethang. Divoutu tsena tse ikgethang di lokiseditswe batho ba, ka mabaka a seng a boletswe, sa kgoneng ho vouta. Basebetsi ba bodiplomatiki le ba malapa a bona ba leng mose b atla dumellwa ho vouta nakong ya dikgetho. Sehlopha se seng sa dikgetho tse ikgethang ke basebetsi ba dikgetho ba kenyelletsang mabotho a tshireletso a mmuso, hara ba bang le mapolesa le mabotho a sesole. Merero e ikgethang bakeng sa ho vouta e boetse e sebetsa ho ba sa itekanelang, ba holofetseng mmeleng, maqheku le baimana ba sa tlo kgona ho leba dibakeng tsa ho vouta ka lebaka la ho se phele hantle mmeleng.
MOKGWA WA TSHEBETSO
Bili e fana ka dipehelo bakeng sa ho ngodiswa ha bakgethi ha mmoho le ho etswa ha lenane la bakgathi. Ngodiso ya ba loketseng ho kgetha e tla nne e tswelepele. Hang ha motho a ngodisitswe jwalo ka mokgethi, dintlha sa hae di tla netefatswa ka rejistara ya setjhaba e bohareng e bolokilweng Lefapheng la Ditaba tsa Lehae.
Ka mora ho katleho ya ho netefatswa ha dintlha, lebitso la hae le tla kenyelletswa lenaneng la bakgethi. Batho bohle bao mabitso a bona a leng lenaneng la bakgethi ba tla kgona ho kgetha ka letsatsi la dikgetho le tlang ho tsebiswa ke Mopresidente.
TSE HLOKEHANG
Hore ba kgone ho kgetha, batho ba lokela ho ba le Bukana ya Boitsebiso e nang le khoutu. Ena ke yona feela tokomane e amohelehileng jwalo ka ha ho hlahella Biling ya Dikgetho, ya 1998.
Batho ba se nang Dibukana tsa Boitsebiso tse nang le khoutu, ba tla lokela ho etsa kopo ya Bukana ya Boitsebiso e nang le khoutu le ho etsa kopo ya lengolo la nakwana la boitsebiso ka yona nako eo.
Lengolo la nakwana la boitsebiso le sebetsa dikgwedi tse 12 feela mme le ka sebedisetswa ho ingodisetsa dikgetho, ha Lefapha la Ditaba tsa Lehae le ntse le sebetsana le Bukana ya Boitsebiso.
Lengolo lena la nakwana la boitsebiso le na le dintlha tsa moikopedi: nomoro ya Bukana ya Boitsebiso ha mmoho le sethswantsho sa moikopedi.
Lengolo la nakwana la boitsebiso le tla ntshuwa nakong ya dihora tse 24, ntle le moo ho se nang dikhompuyutara. Maemong ana, le tla ntshuwa mohlang diyuniti tse nang le mabidi di kgutlelang dibakeng tseo kopo e ne e entswe ho tsona.
Diprovenseng tse ding Diforamo tsa Ditaba tsa Ka hare ho Naha di ile tsa tsebiswa ho thusa Lefapha ka mosebetsi ona. Diforamo tsena di lokela ho fuwa thuso.
Ho entswe tsebiso ka dihlopha tsa dikgetho/baithaopi/tshebetso ho thusa ka letsholo la boitsebiso. Ditho tsa Palamente di kotjwa ho netefasa hore mosebetsi wa boithaopo o fuwa Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Maemong ana baithaopi ba lokela ho ingodisa Lefapheng la Ditaba tsa Lehae ho Naha le ho hore le ikane bakeng sa bona. Ba tla rupellwa ke Lefapha la Ditaba tsa Lehae mme ba tla fana ka ditshebeletso tsa bona ka mokgwa o se nang leeme, o se nang tshekamelo ya sepolotiki le ntle le moputso. Ba tla kotjwa ho thusa ka ho tlatswa ha diforomo, kgatiso tsa menwana ya baikopedi le ho netefatsa hore ditlhoko tsohle di kgotsofaditswe, mohl. phano ka mangolo a tlhaho jwalo jwalo.
Ditho tsa Palamente di kotjwa ho ikopanya le moemedi wa lefapha sebakeng sa bona mme di tle ka leano la tshebetso le ka kgonehang la hore di ka thusa jwang, le ho fana ka dipuo tsa boithaopo diyalemoyeng dibakeng tsa tsona moo di ka fanang ka tsebiso mabapi le letsholo la Bukana ya Dikgetho.
DINTLHA TSA BOHLOKWA HO KA DI HOPOLA
Tlhahiso ya Bukana ya Boitsebiso e nka dibeke tse 8.
Moo e leng hore lengolo la tlhaho ha le fumanehe, ka kopo ikopanye le mohlanka wa setereke ho ka tseba ka hore ke mokgwa ofe o mong wa ho netefatsa dintlha o ka sebediswang. Le ha ho le jwalo, Lefapha le na le melao e thata ya ho netefatsa ho hlahiswa ha tokomane ya nnete ya ho netefatsa dintlha hore ho thibelwe boqhekanyetsi.
Ha e le hore kopo e entswe bakeng sa Bukana ya Boitsebiso le lengolo la nakwana la boitsebiso, ho lokela ho lokelwa ho fanwa ka ditshwantsho tse tharo.
Letona la Lefapha la Ditaba tsa Lehae le tla hlahisa foromo ya ngodiso bakeng sa nakwana bakeng sa ho ngodisetswa ho kgetha mme ha e so be teng.
Lefapha la Ditaba tsa Lehae ha le na dikhamera tsa ho nka ditshwantsho mahala diyuniting tse nang le mabidi.
Dipotso tse ding di ka lebiswa ho: Botsamaisi ba Dikgokahano bakeng sa Hlooho ya Dikgokahano ho: 314 8014/5 kapa fekesetsa dipotso tsa hao ho: 316 7032.
Ditletlebo ka ditshebeletso tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae di ka lebiswa ka mohala wa mahala ho: 0800 601 190.
BAIKOPEDI KGETLO LA PELE BAO DINTLHA TSA TSWALO YA BONA DI SA NGODISWANG
Baikopedi bao tswalo ya bona e sa ngodiswang ba tla lokela ho-
ho fana ka ditshwantsho tse pedi tse tshwanang;
ho tlasa foromo ya BI 24 e le kopo ya ngodiso ya ka mora nako ya dintlha tsa tswalo;
fana ka bopaki ba tswalo ka lengolo la tliniking kapa sepetlele moo a hlahetseng teng; kapa lengolo la sekolo le hlahisang letsatsi la pele la ho kena sekolo diphemiti tsa bodulo tse nang le lebitso la moikopedi mangolo ho tswa bahiring ba fapaneng (ebang a le teng)
tokomane le ha e le efe e ka pakang ho tswallwa Afrika Borwa kapa boahi ka letsatsi la ho kgetha ke Bukana ya Boitsebiso e nang le khoutu feela e amohelehileng. Le ha ho le jwalo, bakeng sa batho ba lahlehelwang ke dibukana tsa bona pele ho dikgetho, ba ka fuwa lengolo la nakwana la boitsebiso nakong ya dihlora tse 24.
DITLHOPHISO TSA LEFAPHA
Ntle le phatlalatso ya letsholo la Bukana ya Boitsebiso, ho se ho entsewe ditlhophiso diproventsheng kaofela ho netefatsa hore bakgethi ba loketseng ba etsa dikopo tsa tokomane ya boitsebiso e nang le khoutu.
Dinako tsa dihora tsa mosebetsi di ekeditswe, ho itshetlehilwe ka ditlhoko tsa provense ka nngwe. Lefapha le tla bula dikantoro ho tloha ka 07H00 ? 18H00 hara beke le ho tloha ka 08H00 ? 12H00 ka Meqebelo. Qeto e tla ba mahetleng a dikopo tsa setjhaba.
Basebetsi ba tlatsetso ba hiretswe ho ka kgona ho sebetsana le keketseho ya dikopo tsa ditokomane tsa boitsebiso.
Moo ho se nang dikantoro tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae, diyuniti tse tsamayang ka mabidi tsa tlatsetso di tla kenngwa.
Diyuniti tse tsamayang ka mabidi di fumaneha diprovenseng tse latelang:
Porovense ya Leboya
Mpumalanga
Bakeng sa tsebiso ya tlatsetso, dikopo tsa ditshebeletso kapa boithaopo bakeng sa ditshebeletso, balaodi ba mabatowa ba lefapha ho ka ikopanngwa le bona.
Dintlha tsa balaodi ba mabatowa di ka mokgwa o latelang:
MOSEBETSI KA PELE
Batho ba bangata ba entse dikopo tsa ho fumantshwa Dibukana tsa Boitsebiso empa ha di eso latwe Lefapheng la Ditaba tsa Kahara Naha. Dibukana tsena tsa Boitsebiso di lokela ho latwa ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ditho tsa Palamente di kotjwa ho thusa thomelong ya dibukana tsena.
Batho ba esong ho etse dikopo tsa Dibukana tsa Boitsebiso tse nang le khoutu ba lokela ho etsa dikopo hanghang.
Motho ya dilemo di tlase ho tse 16 o lokela ho felehetswa ke setho dilemo di ka bang 10 ka hodimo ho yena ya tlang ho lokela ho etsa kopo sebakeng sa kopo ya lengolo la tlhaho ka mora nako. Ho eketsa ho ditokomane le ha e le dife tsa bopaki, motho eo o tla lokela ho tlatsa afidaviti (foromo ya B1 288) e tiisetsang dinltha tsa tswalo.
Batho ba dilemo di kahodimo ho 21 ba ka iketsetsa kopo ka bobona bakeng sa ngodiso ya tswalo ya ka mora nako.
Maemong ao ho se nang ditokomane tsa bopaki kopo e tla phenyokollwa ke mohlanka wa Lefapha ho netefatsa boahi ba hae le letsatsi la tswalo hoo ho se nang ho ba le pelaelo.
